3. Tlhaloso ea lereho
•Lereho ke lebitso la ntho efe kapa efe.
•Lereho le na le lihlopha tsa mareho tse bontšang lihlooho tsa
mareho.
•Lereho le na Mefuta e ‘meli e meholo: Mareho-makhethi le
mareho-maakaretsi. Le na le mefuta e meraro tlasa e ‘meli e
meholo: Mereho-semelo, mareho-mararetsi le mareho-melata.
•Lereho le bopiloe ka hlooho le kuto.
5. Tlholoso ea Mefuta e meholo ea mareho
•Mareho-makhethi: Ke mareho a khethollang lintho
kapa batho ka mabitso. Ke mareho a khethang
lintho kapa batho ka ho bontša qollo ka tšebeliso ea
mabitso.
•Mareho-maakaretsi: Ke mareho a akaretsang lintho
kapa batho empa a sa khetholle ka mabitso. Ho
akaretsoa lintho kapa batho ho sa sebelisoe mabitso
a qollang.
8. Tlhaloso ea mareho-mahlomela
•Ke mareho a bopiloeng ka mefuta e mengata e
fapaneng ea maretlo-puo.
•Mefuta eo eona ke:
a. Maikemisa
b. Likutu-phafo
c. Likutu-ketso/ likutu-leetsi
d. Sefetoli
9. Tlhaloso ea mareho-semelo
•Ke mareho a bopiloeng ka hlooho le kutu-theo.
Mohlala:
Hlooho Kutu-theo Lereho
mo- -tho motho
n- -tja Ntja
le- -joe Lejoe
10. Tlhaloso ea mareho-mararetsi
•Ke mareho a bopiloeng ka ho sebelisa maretlo-puo
a mang esita le ‘ona mareho.
•Ho sebelisoa maretlo-puo a latelang:
Hlooho + lereho
Lereho + kutu-tlhakiso
Hlooho + leetsi
Hlooho + kutu-ketso + moetsi
Lereho + kutu-leetsi
11. Tlhaloso ea mareho-melata
•Ke mareho a alimiloeng lipuong tse ling ‘me a se a
sebelisoang Sesothong.
•Mehlala:
Botlolo
‘Motokara
Botoro
Fereko