ke le leng la mafu ao ̓mele o seng o sa atlehe ho laola tsoekere e maling hobane manyeme a tlhotla lero le laolang tsoekere ka tsela e sa lokelang ’mele ,’me ke lefu le sa phekoleheng. Lefu lena le mefuta e ̓meli; ke mofuta oa pele le oa bobeli.
Call Girls in Dwarka Mor Delhi Contact Us 9654467111
Presentation(20180210)
1. Lesotho College of Education
Re Bona Leseli Leseling La Hao
LEFU LA TSOEKERE
Ke tlo bua ka lefu la tsoekere ,mefuta , matšoao ,litla-
morao le taolo tsa lona.
Ka Seabata Mochekoane
3. LEFU LA TSOEKERE
ke le leng la mafu ao ̓mele o seng o sa atlehe ho laola tsoekere e
maling hobane manyeme a tlhotla lero le laolang tsoekere ka tsela e
sa lokelang ’mele ,’me ke lefu le sa phekoleheng. Lefu lena le mefuta
e ̓meli; ke mofuta oa pele le oa bobeli.
4. MOFUTA OA PELE
•Ke mofuta o ka futsoang.
•O ka tloha batsoaling oa ea baneng.
•O atisa ho hlahella bathong ba lilemo li ka tlase ho mashome a mane.
•Ke mofuta o bakoang ke ha manyeme a tlhotla lero le fokolang kapa
a sa ntše lero lena le behang tsoekere taolong hohang.
5. TAOLO EA MOFUTA OA PELE
• Mofuta ona o behoa taolong ka ho enteloa khafetsa ka liente tsa lero
le tlhotloang ke manyeme ho laola tekanyo ea tsoekere maling, le ho
koetlisa ‘mele khafetsa.
7. MOFUTA OA BOBELI
•Ke mofuta o amang haholo batho ho tloha lilemong tse mashome a
mane ho ea holimo.
•Lero le tlhotloang ke manyeme maling a bona ha se hore ha le eo
kapa le tlase, empa e le hore feela ̓mele ea bona ha e atlehe ho
sebelisa lero lena hantle kapa ka tsela e nepahetseng.
•Sena se ka laoloa feela ka lijo le lipilisi hore tsoekere e lule e
laolehile.
9. LITLAMORAO TSA TSOEKERE
Tsoekere ha e sa laoloe e ka ama tse ling tsa litho tsa ̓ mele:
•Kelello ea motho ebe ha e sebetse hantle ka lebaka la tsoekere.
•E ama litakatso tsa motho ka hore e be motho ha sa na thahasello ea
thobalano.
•E ama pono ka hore motho o se a sa bone hantle o se a bonela lintho
lerothong.
11. MEHLALA EA MATŠ0AO A TSOEKERE
1. Ho sesa khafetsa
2. Ho nyoreloa metsi khafetsa
3. Ho lapa khafetsa
4. Ho shoa bohatsu
5. Ho omella ka hanong
6. Ho theoha ‘meleng
12. LIKHATO TSEO MOTHO A LOKELANG HO LI
LATELA HO LAOLA TSOEKERE
•Motho ea nang le lefu la tsoekere a ikoetlise metsotso
e mashome a mararo ka letsatsi bonyane matsatsi a
mahlano.
•Motho ea nang le lefu la tsoekere o lokela ho sebelisa
litlhare ka nepo.
13. QETELLO
•Khothaletso ke hore motho ka mong a etse litlhahlobo tsa lefu la
tsoekere ha ‘ngoe kamor’a likhoeli tse tharo, ‘me hang ha a fumanoa
a na le eona, o khothaletsoa ho ja hantle le ho noa litlhare tse
lebeletsoeng.
•Motho ha a na le lefu la tsoekere, o khothaletsoa ho ja lijo tse itseng,
‘me a ikobele melao ea ngaka.
14. Mehloli ea lipatlisiso
1. Alamy.com.(2020). Live-pancreas-gallbladder-and-bile-passage. [image]
Available at: https://c7.alamy.com/comp/ct2780/live-pancreas-gallbladder-and-
bile-passage-ct2780.jpg [ Accessed on 17 October 2020]
2. Alamy.com.(2015).Pearson Education,Inc.Available at:
https://www.alamy.com/man-exercising-sit-ups-outside-male-fitness-model-
training-situps-exercise-outdoor-in-summer-during-workout-handsome-fit-
muscular-sport-model-image259700297.html [ Accessed on 17 October 2020]
3. Alamy.com.(2020).Insulin Injection.Available at: https://www.alamy.com/stock-
photo/insulin-injection.html [ Accessed on 17 October 2020]
15. NTŠETSO-PELE (Mehloli ea lipatlisiso)
4. Steadyhealth.com.(2020). Articles/blurred-vision-diabetes.[image] Available at :
https://userfiles.steadyhealth.com/userfiles/290317/articles/blurred-vision-diabetes.jpg [
Accessed on 17 October 2020]
5. Mackean,D.G.(2002).Biology GCSE,3rd ed:London:Part of Hachette Livre UK,Pg.(171)