3. Selelekela
Sechaba sa Basotho ke sechaba se sa ithekeng moroalo ka ho
sebelisa lihloliloeng tsa sona. Har’a lihloliloeng tsena, ho na
le litlama tseo ba li sebelisang e le meriana. Meriana ena ea
fapana.’Na ke tlo bua ka meriana ea basali le baroetsana.
Har’a eona ke tla bua ka meriana ea selomi, ea mofetše, ea
baimana le ea batsoetse.
4. Meriana ea basali ke eng?
Meriana ea basali ke meriana e sebelisoang ke
basali feela eseng banna kapa bahlankana.
Methokho ena e ka fumanoa ka ho cheka metso ea
litlama kapa ho ka nkoa metloang ea litlama tseo.
5. Meriana ea baroetsana ba khathatsoang ke selumi
Sehlapetso
Maleleka kapa Malokela
Monya-mali
Mohlakola
6. Sehlapetso
Ho ea ka Moteetee (2011), moriana ona o phehelloa
le e meng e be oa nooa e le ho beha matsatsi a
baroetsana taolong. Hona ho bolela hore matsatsi a
baroetsana a linako tsa bona a tlameha ho lekana
khoeli le khoeli a se fokotsehe kapa a eketseha.
Setšoantšo ka: Sisulu National Botanical Garden
7. Maleleka kapa Malokela
Ho ea ka Seleteng (2015), maleleka ke moriana o
phekolang selomi. Hona ke sesupo sa hore baroetsana ha
ba lokela ho sulafalloa ke ho bona linako tsa bona tsa
tlholeho tsa khoeli le khoeli.
Setšoantšo ka: National Herbarium Pretoria
8. Monya-mali
Ho ea ka Shale (1999), monya-mali ke o mong oa meriana e thusang ho
phekola selomi. Ke sesupo sa hore moriana ona o etsa hore baroetsana
ba natefeloe ke ho bona linako tsa bona.
Setšoantšo ka: Millennium Seed Project
Kirstenbosch National Botanical Garden
9. Mohlakola
Ke moriana o fokotsang bohloko ba selomi. Baroetsana ba o pheheloa e
be ba o noa hofihlela ba qetile ho bona linako tsa bona.
Setšoantšo ka: Ebrahim Lawrence Kirstenbosch
National Botanical Garden
11. Khoara
Ho ea ka Moteetee (2011), khoara ke moriana o nooang ke basali ba
baimana ho phekola lesokolla. Ho bolela hore basali ba tlameha ho
natefeloa bokhachaneng ba bona ba se khathatsoe ke bokuli.
Setšoantšo ka: Stoffel Petrus Bester National
Herbarium Pretoria
12. Seletjane
Ke moriana o sebelisoang ke basali ba baimana ho phekola bohloko ba ka
mpeng, mofetše oa letsoele, lehlatso le ho matlafatsa takatso ea lijo.
Setšoantšo ka: Nicolette Stoll
13. Motabo
Ho ea ka Van Wyk (1988), motabo ke moriana o sebelisoang ke baimana
ho bebofatsa pelehi. Moriana ona o etsa hore nako ea mahlaba e
khutsufale. Hona ho bolela hore basali ba se be mahlabeng nako e telele.
Setšoantšo ka: Bart Wursten Mpinge pass,
Great Dyke
14. Koena e nyenyane
Ho ea ka Molefe (2013), ona ke moriana o phekolang mofetše oa
molomo oa popelo le mafu a mang a amanang le bokhachane ’me o
khutsufatsa le nako ea ho pepa. Ho bolela hore o etsa hore basali ba
natefeloe ke nako ea bona ea boimana.
15. Qobo
Ke o mong oa meriana e sebelisoang ke basali ho phekola
mofetše oa letsoele, o ka boetse oa kopanngoa le meriana e
meng ho thibela ho qhalaneloa hoa mosali oa moimana.
16. Monatja
Ke moriana o sebelisoang ke basali ba baimana ho fokotsa sekhahla sa
mafu a bakoang ke boimana le ho thibela poleiti (botšo bo sa tloaelehang
bo bang teng ’meleng oa ngoana ea fihlang) baneng ba so hlahe.
Setšoantšo ka: Lungisani Zondi
17. Poho- tšehla
Ho ea ka Mpofu (2014), ona ke moriana o nooang ke motsoetse e le ho
hloekisa popelo le ho e khutlisetsa malulong kamor’a ho pepa, ’me o fana
le ka takatso ea lijo ho motsoetse. Ho bolela hore motsoetse o tla ja hantle
molemong oa ho anyesa lesea la hae.
Setšoantšo ka: Beate Sachse National
Herbarium Pretoria
18. Mehloli ea lipatlisiso
Coates Palgrave, M. (2002). Keith Coates Palgrave Trees of Southern Africa, 3rd edn
Strulk: Cape Town.
Fabian, A. and Germishuizen, G. (1997). Wild flowers of Nothern Africa. Press:
Vlaeberg.
Molefe, N.I., Tsotetsi, A.M., Ashafa, A.O.T. and Thekisoe, O.M.M. (2013). Sesotho
plants and animal names and Plants used by the Basotho Sun Press Med. Plants Res.
7(9):536-542.
Moteetee, A. and Van Wyk, B-E. (2011). The medical ethnobotany of Lesotho: a
19. Ntšetso-pele
Mpofu, S. J. Msagathi, T.A.M. and Krause, R.W.M.
(2014). The medical ethnobotany of Lesotho: a
review. Bothalia 41 (1): 209-228.
Seleteng Kose, L., Moteetee, A. and Van Vuuren , S.
(2015). Ethnobotanical survey of medicinal plants
20. Ntšetso-pele
Shale, T.L. Stirk, W.A. Van Staden, J., (1999). Screening of
medicinal plants used in Lesotho for antibacterial and anti-
inflammatory activity. J. Ethnophamacol . 67: 347-354.
Van Wyk, B. and Malan, S. (1988). Field guide to the wild flowers
of the Highveld Struck, Cape Town.